Loading...

Gauta o ja batho

Gauta o ja batho

Re kgobokanela Gauteng re tlo tjheka kgauta,
Re tela mobu wa baholo, re hlobohane le oona.
Baena le dikgaetsedi, basadi le bana ba setse morao.
Toro tsa bona re di jere mahetleng a rona
Lebaka ke bona re leng matlolaterata
Empa kgauta e re roka mahlwana a naketsana
E robatsa moutlwa, sepheo le morero wa yona ke ho re metsa.
Re nahana hore e sebedisana le rona, athe e re fetola makgoba a teke.

Gauta hle, re lokolle re kgutlele hae o tlohelle ho re ja, re kgutlele re phela.

Hang feela ra utlwa monate wa yona,
Re fetoha baphaphathehi hae re hana ho kgutlela.
Re re menyetla e a sokoleha, ha re ka dula teng re tla sotleha.
Re ka mpa ra dula Gauteng ra phophoreha / ra foforeha,
Ra iphelela seGauteng ra fetoha bokgowanatshwana.
Ka nnete ha se re tsebe, ha se no re utlwela bohloko.
Ha re sa kgutlele morao re tla lla sa mmokotsane,
Re re re kile ra e ba Basotho.

Gauta hle, re lokolle re kgutlele hae o tlohelle ho re ja, re kgutlele re phela.

Re leba hae feela ha re kula,
O re hobaneng ba fatshe ba hana ho nesa pula,
Menyako ba hana ho e bula.
Re re hae mesebetsi e fedile ha re no dula,
Ha re ka dula teng re tla sotleha,
Re ka mpa ra dula Gauteng ya re duba.
Kgauta e re dubisa thankga.
Ka nnete e a re duba.

Gauta hle, re lokolle re kgutlele hae o tlohelle ho re ja, re kgutlele re phela.

Gauteng kaofela re batla ho busa,
Empa ha re marena ha re tsebe,
Batho ha re lekane e se meno.
Gauteng ho thata ho a nyolosetsa.
Motho ka mong o shebile a hae mathata.
Kgauta ha e kgathetse ke rona e a re tshwela,
Ha e se e re jele batho ba a re tsheha,

Ba re fu leholo ke ditsheho, empa hae ho mofuthu.

Gauta hle, re lokolle re kgutlele hae o tlohelle ho re ja, re kgutlele re phela.

Your Review

RATING

1082 VIEWS
0 Likes

Share To

Thabiso Lakajoe

Thabiso Lakajoe

YOU MIGHT ALSO LIKE
Gauta o ja batho

Gauta o ja batho

Re kgobokanela Gauteng re tlo tjheka kgauta, / Re tela mobu wa baholo, re hlobohane le oona. / Baena le dikgaetsedi, basadi le bana ba setse morao. / Toro tsa bona re di jere mahetleng a rona / Lebaka ke bona re leng matlolaterata / Empa kgauta e re roka mahlwana a naketsana / E robatsa moutlwa, sepheo le morero wa yona ke ho re metsa.

comments
Go to TOP